o hlophisa Bajete ya MTEF ya 2006/07 ya Mmuso wa Profensi ya Gauteng ho bontsha mohato wa bohlokwahadi boikitlaetsong ba rona bo tswelang pele ba ho arabela ditaba-tabelong tsa baahi ba Gauteng. Bajete ya MTEF ke pontsho e hlakileng ya dintho tseo re di etelletsang pele profensing ena. Ho bontsha ka ho hlakileng kamoo re tlang ho aba ditjhelete mananeong le diprojekeng tse kgethehileng mme re ntse re iphaphathile le dintho tseo re tlamehang ho di etsa pele tseo re ipehetseng pakane ya ho di finyella sehleng sena sa puso, e leng dintho tsena:
Ho nolofatsa kgolo e potlakileng le ho etsa mesebetsi
Ho lwantsha bofuma le ho aha metse e sireletsehileng le e tswelang pele e le teng
Ho ntshetsa pele batho ba phetseng hantle, ba nang le tsebo le bokgoni le ba sebetsang haholo
Ho matlafatsa demokrasi le ho aha setjhaba, le ho kgola ditholwana tsa tokelo tsa motheo tsa setjhaba sa rona.
Ho haha hodima motheo wa tikoloho e atlehang le e hlokomelang
Sehleng sena sa puso, re hatetse pele ka mokgwa o hlollang ho finyella dipakane tseo re ipehetseng tsona. Bajete ya 2006/07 e haha hodima motheo wa katleho eo re bileng le yona mme sena se re dumella ho hatela pele haholo ho finyella diphihlello tsa rona. Bajete ya selemong sena e ekeditse dikabo tsa tjhelete bakeng sa ditshebeletso tsa setjhaba, ho ntlafatsa mokgwa wa ho isa ditshebeletso setjhabeng empa re sa hlokomolohe diphephetso tseo re nang le tsona le tseo re tshepang ho di finyella.
Dikabo tse ekeditsweng tseo re di etsang ho feta MTEF bakeng sa tshebediso ya tjhelete di bontsha ka sebele boitlamo ba rona ba ho eketsa sekgahla sa kgolo ya moruo, ho etsa mesebetsi e metjha le ho lwantsha bofuma. Tjhelete ena e tla sebedisetswa ho tshehetsa diprojeke tsa kaho ya ditsela, mehaho le tse jwalo mme sena se tla thusa haholo bakeng sa ho eketsa kgolo ya moruo le ho etswa ha mesebetsi.
Hammoho le boikitlaetso bona ba ho hodisa moruo, re itlamme ho eketsa tjhelete e sebediswang ditshebeletsong tsa thuso ya setjhaba ka ho aba dipheresente tse 80 tsa kakaretso ya bajete bakeng sa ditshebeletso tsena tsa setjhaba (sector). Tjhelete ya ditshebeletso tsa setjhaba e tla sebediswa ka sepheo sa ho finyella dintho tsa bohlokwa dilemong tse tharo tse latelang, ho kopanyeleditswe ho etsa ditsha tsa ho fana ka meriana e lwantshang HIV bakuding ba nang le HIV/AIDS, le ho tswela pele ka lenaneo la HIV/AIDS
Ke tshepa hore tokomane ena e tla le thusa ho utlwisisa le ho hlahloba Bajete ya Profensi ya
Hobaneng re hloka tsamaiso ya ditjhelete?
samaiso ya tjhelete ke tsela e bontshang hore tjhelete eleng teng eka sebediswa jwang. Tsamaiso ya tjhelete e re thusa hore re finyelle boemong boo rona re ipehetseng bona.
Re na le boikarabelo ba hore re tsebise setjhaba ka diketsahalo tsa mmuso le hore ditjhelete di sebediswa jwang.
Ka ho pepesa tsamaiso ya tjhelete re hlahisa hammoho le morero wa mmuso mabapi le tsela eo tshebetso e ka lekangwang ka teng.
Ke eng ditlhoko tsa sehloho le Merero tse nkilweng ke Lekgotla-kgolo la puso ya Gauteng?
Ho nolofatsa kgolo e potlakileng le ho etsa mesebetsi
Mesebetsi e ka sehlohong le mananeo
Honolofatsa, ho tshehetsa le ho qadisa:
Mafapha (sectors) a hlokang mosebetsi wa matsoho le a hodisang boleng ba basebetsi le ho hodisa moruo le thuto.
Dibaka tse behilweng leihlo, tse tlang ho hodisa moruo le ntshetsopele ya moruo sebakeng sena.
Ho etelletsa Gauteng pele jwalo ka sebaka seo ho ka tliswang matsete ho sona, sa bohahlaudi le dikgwebo le lehae la dipapadi tsa tlhodisano. Re tla etsa bonnete ba hore tonamente ya Mohope wa Lefatshe ya 2010 e atlehe le ho e sebedisa jwalo ka monyetla wa ho matlafatsa moya wa ho batla ho tlisa matsete sebakeng sena, moya wa bohahlaudi le dipapadi.
Ho hodisa moruo ka ho tshehetsa ntshetsopele ya moruo wa batho ba batsho ka bophara (BBBEE) le dikgwebo tse nyenyane (SMME) le mekgatlo e tshwarisaneng (cooperatives) le yona, ho kenyelleditswe le ho etsa menyetla ya ho itshebetsa le ho nka karolo ho tshehetseng dikgwebo ka ditjhelete tse nyenyane mme ka ho kgethehileng le ho tshehetsa dikgwebo tsa basadi le tsa batjha.
Ho phethahatsa karolo ya bohlokwa jwaloka mofumani wa thepa le ditshebeletso ntshetsopeleng ya diphihlello tsa rona tsa moruo ho kopanyeletsa le ho tshehetsa bahlahisi ba thepa ba sebakeng sena le ho matlafatsa letsoho la moruo la batho ba batsho le basadi.
Ho eketsa tshebediso ya mobu wa temo le ho eketsa tshehetso ya balemi ba batho ba batsho mabapi le tsebo ya temo, tsamaiso le ho finyella mebaraka ya temo.
Ho aha Gauteng hore e be sebaka sa bohlokwa le se hlodisanang le tse ding lefatsheng le ho etsa hore mesebetsi ya moruo ya mafapha a sa tshwaneng a profensi a tshwarisane ho matlafatsa Gauteng e le hore e fetohe setsi sa Afrika sa moruo le motse wa lefatshe o hlaheletseng ka mahetla matjhabeng.
Kgolo le Leano la Ntshetsopele Growth and Development Strategy GDS eo sepheo sa yona e leng ho fetola boemo ba setjhaba le moruo profensing ena, ho boloka botsitso ba dipolotiki, ho rala tsamaiso e sebetsang ya meaho le ditsela, ho hodisa moruo wa profensi ena le ho fokotsa leqeme la mesebetsi le bofuma Ka ditsela tsena: -Ho etsa bonnete ba hore ho na le ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo ho ya ka morero le ntshetshopele e kopaneng, e ka tshehetswang le eo batho ba nkang karolo ho yona. -Ho fana ka kgolo ya moruo, ho etsa mesebetsi le diphihlello tse amanang le tsena bakeng sa profensi ena dilemong tse leshome tse latelang tsa demokrasi. -Ho aha taolo e nang le tshebedisano le dikamano mafapheng a mmuso.
Ho hodisa maqhama le bolekane le mafapha a mang a setjhaba.
Ho qolla menyetla bakeng sa setjhaba le baahi e le hore bohle ba amehe tsosolosong le ntshetsopeleng ya profensi ena.
Ho lwantsha bofuma le ho aha metse e tiileng, e sireletsehileng le eka tswelang pele.
Mesebetsi e ka sehlohong le mananeo
Ho etswa ha lenaneo le leholo le tiileng la kaho ya meaho le ditsela ho netefatsa ho tsamaiswa ha thepa ya setjhaba. Lenaneo lena le tla netefatsa hore:
Dibaka tse ntjha tsa bodulo di fumana meaho ya ditshebeletso tsa setjhaba pele kapa kapele ka mora hore batho ba kene matlong a matjha.
Thepa ya rona ya setjhaba e ka sebediswa hape ha metse e fetoha, mohlala, dikolo metseng ya kgale di ka fetolwa ditsha tsa ditshebeletso tsa setjhaba; tsena di lokela ho hlokomelwa le ho sebediswa ka botlalo.
Matsete a mmuso a ka sebediswa dibakeng tsa setjhaba kapa dibakeng tsa dipalangwang, ho kopanyelleditswe le diteishene tse rerilweng tsa Gautrain, ho hodisa mokgwa wa ho fihlella ditshebeletso le ho ntshetsa moruo pele sebakeng sena.
Dikontraka di tla abelwa dikgwebo tse nyenyane le tse holang le ho sebedisa matsoho mesebetsing ya kaho le tlhokomelong ya meaho.
Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba le kentsweng tshebetsong Gauteng, ho kopanyelleditswe le ho matlafatsa mananeo a mesebetsi ya setjhaba a ntseng a le teng.
Ho fana ka ditshebeletso tsa bohlokwa tse hlokahalang, ho kopanyelleditswe le metsi le motlakase o sa lefellweng. Ntho ya bohlokwa e tla ba ho fana ka metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere, karolo ya bohlokwa ntshetsopeleng ya bophelo bo botle.
Ho eketsa mefuta e fapaneng ya matlo bakeng sa batho ba maemo a sa tshwaneng, dibaka tse ntle tseo ho ka hahuwang ho tsona le ho bopa tshebedisano le mekgatlo ya praevete le banka-karolo ba bang. Hape ho tla tshohlwa tharollo mabapi le bokamoso ba dihosetele profensing ya rona.
Ho hlophisa hore dibaka tseo batho ba ipehileng ho tsona (tsa mekhukhu) di sireletsehile, le hore di loketse bodulo ba batho
Ho tsosa morolo wa metse ya ditoropo, ho kopanyeletsa le tshebedisano mafapheng kaofela a mmuso le ho sebedisa matsete a mmuso le a mekgatlo ya praevete ka ditsela tseo ho ka unwang melemo e mengata haholo.
Ho ntshetsa pele le ho nolofaletsa boikitlaetso ba kgodiso ya moruo sebakeng sena e le hore ho fanwe ka mesebetsi, ho aha ditsela le meaho ya setjhaba le ho etsa bonnete ba hore batho ba sebaka sena ba fihlella menyetla, ka ho kgethehileng metse e fumanehileng haholo. Mmuso o tla leka ho hokahanya le ho lebisa matsete a wona dikarolong tse itseng sebakeng sena kapa meahong ho hodisa haholo tshebetso ya wona.
Ho hodisa le ho kenya tshebetsong leano le akareletsang le dipalangwang tsa setjhaba le eketsang mokgwa wa ho sebedisa dipalangwang tse sireletsehileng le tsa theko e tlase, ho fokotsa nako eo batho ba leng dipalangweng ka yona le nako ya tsamaiso ya thepa profensing ya rona le ka ntle ho profensi le ho fokotsa tshilafatso ya tikoloho e bakwang ke dipalangwang.
Ho hlahisa tikoloho e sireletsehileng le e hlwekileng ka ho fokotsa ditshila, ho fokotsa thepa e ke keng ya sebediswa hape le ho rarolla bothata ba tshilafatso ya moya, metsi le mobu.
Tshebedisano le baahi ba metse le mapolesa ho etsa bonnete ba hore mebila ya rona e sireletsehile, mahae, dibaka tsa mosebetsi le dikolo, ka ho kgethehileng bakeng sa basadi le bana.
Ho ntshetsa pele batho ba phetseng hantle, ba nang le tsebo le bokgoni le ba sebetsang haholo
Mesebetsi e ka sehlohong le mananeo
Ho kgothaletsa phepo e ntle le mekgwa e metle ya bophelo.
Thibelo le mananeo a kalafo kgahlanong le disosa tsa ho kula le lefu tse jwaloka twantshano, dikotsi tsa mebileng, kgatello ya maikutlo, HIV le Aids, mekgwa e mebe ya bophelo le tshebediso e mpe ya tahi.
Ho fana ka ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo, karabelo le boleng ka: -ho fokotsa nako ya ho leta -ho ntlafatsa ditshebeletso tse fanwang ke batho ba ka pele ba fanang ka tshebeletso -ho tsosolosa meaho ya bophelo bo botle -ho tshehetsa profeshene ya tlhokomelo ya bophelo le basebetsi le -ho neha baahi ba metse ya rona lesedi le thuto mabapi le bophelo bo botle.
Ho matlafatsa ditshebeletso tsa ditliniki tse fanang ka tlhokomelo ya bophelo e le hore di sebetsane le maemo a tlwaelehileng, ho hodisa karolo ya baahi le ho nolofatsa tshebedisano lefapheng lena.
Ho tsetela haholo batjheng ka ho ba rupella ba sa le banyenyane.
Ho matlafatsa thuto dikolong tsa setjhaba e le hore bana bohle ba rona profensing ena, ka ho kgethehileng ba fumanehileng haholo, ba fumane thuto e lekanang le ya boleng bo botle.
Ho etsa bonnete ba thuto ha e holelwe ka ho matlafatsa thuto le kwetliso e hlokahalang bakeng sa batho ba baholo, ho kwetlisa hape le ho fana ka tsebo hape, ho neha batho ba ileng ba tlohela sekolo pele ho nako kapa ba tlohedisitsweng mosebetsi monyetla o mong.
Ho hokahanya di-indaseteri, dikolo tsa thuto e phahameng, mekgatlo e fanang ka bokgoni le mafapha kaofela a mmuso ho ba ngata-nngwe e le hore thuto e fanwang moo e iphaphatha le ditlhoko tsa di-indasteri, ka ho kgethehileng thuto e hlokahalang kgodisong ya moruo.
Ho matlafatsa demokrasi le ho hodisa ditokelo tsa molao wa motheo
Mesebetsi e ka sehlohong le mananeo
Thibelo ya tlolo ya molao setjhabeng ho thibela le ho rarolla disosa tsa tlolo ya molao le twantshano, ka ho kgethehileng kgahlanong le basadi le bana.
Ntshetsopele ya batjha ka ho eketsa menyetla ya batjha ya ho nka karolo moruong le ho finyella bokgoni ba bona, ho kopanyeletsa le ho ba nolofaletsa ho nka karolo dipapading, mesebetsing ya bonono le ya setso.
Ho matlafatsa bokgoni ba basadi ka mananeo wohle a mmuso ka ho tlosa dintho tse ba thibelang ho nka karolo moruong le setjhabeng ka mokgwa o lekanang.
Ho sebedisa mananeo a bonono le setso, dipapadi le boikgathollo ho matlafatsa ntshetsopele ya setjhaba le tshebedisano hara batho.
Ho ntshetsa pele dipapadi jwalo ka lenaneo la bohlokwa, e seng feela ka hobane di kgothaletsa bophelo bo botle le mekgwa e sehlahlo ya bophelo, empa hape ka hobane dipapadi di aha setjhaba le ho ntshetsa batjha pele.
Ho kgothaletsa setjhaba ho nka karolo le ho bontsha boikarabelo, ho akareletswa ho sebedisa Izimbizo, letsholo la Lets Talk (A re Bueng) le diboka tseo ho mamelwang setjhaba le ho matlafatsa karolo ya Lekgotla la Mmuso la Molao.
Ho matlafatsa ho nka karolo demokrasing dikarolong tsohle tsa taolo ka ho matlafatsa ho nka karolo ha batho diforamong tse jwalo ka dikomiti tsa lebatowa (ward), Makgotla a Taolo a Dikolo le Diforamo tsa Mapolesa a Motse.
Ho haha mmuso o sebetsang ka sebele le o fanang ka tlhokomelo
Mesebetsi e ka sehlohong le mananeo
Ho neha baahi bohle ditshebeletso tsa boleng bo phahameng, tse bontshang tlhokomelo le tse tshwarahaneng. Sena ka ho kgethehileng se kenyelletsa ho tlosa dintho tse sitisang phetisetso ya ditshebeletso ho batho, ho etsa bonnete ba hore ditshebeletso tsena di tswela pele di le teng le ho eketsa kamoo mafapha a mmuso a arabelang ka pele ka teng ditletlebong le mathateng a baahi.
Ho hodisa tsebo le bokgoni mabapi le ditshebeletso tsa setjhaba: -Lenaneo le akareletsang la kgodiso ya bokgoni le tsebo, ho kenyelleditswe le mananeo a thupelo bakeng sa baokamedi le moifo o ka pele mabapi le ho fetisetsa ditshebeletso setjhabeng -Ho beha leihlo mosebetsi wa basebeletsi ba setjhaba -Ho matlafatsa mananeo a rona a HIV/AIDS dibakeng tsa mesebetsi -Ho ntlafatsa boemedi maemong a bookamedi le diprofeshene ditshebeletsong tsa setjhaba, ka ho kgethehileng bakeng sa batho ba batsho, basadi le batho ba sa itekanelang mmeleng
Ho nolofaletsa setjhaba ho fihla mmusong ka: -Ho etsa bonnete ba hore ho na le lesedi le fanwang mabapi le ditshebeletso tsa mmuso -Ho matlafatsa dipuisano le batho -Ho matlafatsa ditsela tsa ho sebetsana le ditletlebo -Ho sebedisa ditjhelete tsa mmuso ka tlhokomelo le ka ho qapa mekgwa e metjha e behang ditholwana tse ngata -Ho kenya tshebetsong leano la rona le kgahlanong le bobodu le ho tswela pele re bontsha ho se mamelle manyofo-nyofo ditjheleteng le bobodu
Ho sebedisa ditjhelete tsa mmuso ka tlhokomelo le ka ho qapa mekgwa e metjha e behang ditholwana tse ngata -Ho kenya tshebetsong leano la rona le kgahlanong le bobodu le ho tswela pele re bontsha ho se mamelle manyofo-nyofo ditjheleteng le bobodu
Ho sebedisana le mmuso wa sebakeng sena mabapi le ho tshehetsa lenaneo la diphetoho.
Refumana tjhelete ya rona ho kae?
Ditekanyetso/kabo ya ditjhelete ho tswa ho mmuso o phahameng Bilione tse R32,106 (94,8%)
Tjhelete ya Profensi
Bilione tse R1,758
Dikabo tse (5,2%)
lekanang
Bilione tse 23,362
Ditjhelete tsa dithuso tse Tjhelete etswang laolwang ke maemo Millione tse R40,4
Bilione tse R8,744 (25,8%)
Bilione tse R33,824
Mehlodi ya ditjhelete tsa Profensi
TJHELETE YA PROFENSI
Bilione tse R1,758
Tse ding
Millione tse R263,1
Re sebedisa tjhelete ya rona jwang?
Karolelano ya ditjhelete ho ya ka mosebetsi
Tsa Bophelo Bilione tse R10,404 (30,2%)
Tsa Thuto
Lefapha la Bilione tse R12,282 Tshebeletso le (35,6%)
Ntshetsopele ya
Millione tse R982
Tsa Matlo
Bilione tse R2,081
Lefapha la Dipalangwa tsa Sechaba, Ditsela le Mesebetsi Bilione tse R6,225 (18,1%)
Re sebedisa tjhelete ya rona jwang?
Karolelano ya ditjhelete ho ya ka mekga e fapaneng ya tsa ekonomi
Ditefello tsa hona jwale Bilione tse R22,349 (64,9%)
Neheletsano le kemelano Bilione tse R9,563 (27,7%)
Ditefello tsa kapitale Bilione tse R2,548 (7,4%)
Karolelano ya ditjhelete ho ya ka ditloko tse kgolo
Ditefello tsa basebetsi
Millione tse R675 (7,1%)
Phahlo le Ditshebeletso
Bilione tse R2,146 (22,4%)
Nehelano ho tsa le hare Bilione tse R1,824 (19,1%)
Tsa Bophelo Bilione tse R5,082 (31,2%)
Lefapha la
Tsa Thuto
Tshebeletso le
Bilione tse R9,580
,7% Ntshetsopele ya
Millione tse R307,7
Lefapha la
Setjhaba, Ditsela le
Mesebetsi
Millione tse R355,8
Tse ding
Millione tse R889
Tsa Matlo Millione tse R93,4 (0,6%)
Diprojeke tsa kapitale ho ya ka lefapha ka leng
Millione tse R871,9
Ntshetsopele ya
Tsa Thuto Millione tse R870,7
Ikonomi (10%) Millione tse R296,4 (3,4%)
Lefapha la Dipalangwa tsa Setjhaba, Ditsela le Mesebetsi Bilione tse R4,761 (54,7%)
Tse ding Millione tse R89,8
Tsa Matlo (1%) Billione tse R1,814 (20,9%)
Diprojeke tse kgethehileng
Meaho ya Mmuso wa Profensi ya Gauteng
Millione tse R71
Tshimoloho ya Moloko wa Batho
Millione tse R46
GautengOnLine
Millione tse R200
Millione tse R98
Millione tse R79
Billione tse R4,6 Billione tse R5,391
Projeke ya Tsosoloso ya Alexander
Millione tse R172
Diprojeke tsa Tshireletseho Ditseleng
Millione tse R31
Dinokeng
Millione tse R94
Diprojeke tse kgethehileng: Leano la Ntshetsopele la Gauteng
Millione tse R80
Di-indasteri tse nang le Moya wa Boqapi
Millione tse R14,5
Matsete, kgothatso le ntshetsopele ya moruo
Millione tse R10
Millione tse R20
Diprojeke tse tlohetsweng
Millione tse R60
Leano la Bonono le Setso
Millione tse R3,5
Leano la temo
Millione tse R14
Batho ba Batsho e 20 e ka Sehlohong
Millione tse R20
Millione tse R29
Nyollo ya tshebediso ya ditjhelete e bile ho kae?
Lefapha Re sebedisitse jwang tjhelete selemong se fetileng 2005/06 bilione Re tlo sebedisa jwang tjhelete selemong sena? 2006/07 bilione Re nyolositse kapa re theohile ka bokae %
Tsa Thuto 10,807 12,282 13,6%
Tsa Bophelo 9,841 10,404 5,7%
Tsa Tshebeletso le Ntshetsopele ya Setjhaba 860 982 14,2%
Tsa Matlo 1,764 2,081 18%
Tsa dipalangwa tsa Setjhaba, Ditsela le Mesebetsi 2,088 6,225 198,1%
Tshireletso ya Setjhaba 181 220 21,5%
Tse ding 1,909 2,106 10,3%
